1. “Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.
2. Bolelele ba lesira ka leng e be dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masira wohle a lekane.
3. Masira a mahlano a rokahanngwe hammoho; le a mang a mahlano hape a rokahanngwe hammoho.
4. O tle o etse dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a tla kopana teng, mme o etse jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng.
5. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele, o etse hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng, dikgoketsane tseo di tobane.
6. O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe.
7. “Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong.
8. Bolelele ba lesela ka leng e be dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a lekane.
9. O tla rokahanya masela a mahlano hammoho, le a mang a tsheletseng o a rokahanye hammoho; lesela la botshelela le tla menwa habedi monyakong wa tente.
10. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a tla kopana teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a tla kopana teng.
11. O tla etsa dihokelo tsa lethose tse mashome a mahlano, ebe o kenya dihokelo dikgoketsaneng; jwale o kopanye tente hore e be ntho e le nngwe.
12. Karolo e setseng e leketlile ya masela, ke hore halofo ya lesela e setseng, e tla lepellela fatshe, kamorao ho leaho.
13. Disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la pele, le disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la bobedi, ke ho re tse setseng boleleleng ba lesela la Tente ya Morena, di tla lepellela mahlakoreng a leaho, ka nqena le ka nqane ho leaho, hore di tle di le kwahele.
14. O tla etsetsa Tente ya Morena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; o tla e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.
15. “O tla etsetsa leaho ditshiya tsa dithupa tsa sefate sa mositsane; di tla hlongwa.
16. Bolelele ba thupa ka nngwe e be dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.
17. O tla etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, tshiyeng e nngwe le e nngwe, mme o tla etsa jwalo ka ditshiya tsohle tsa leaho.