Phallo 25:35-40 BIBELE (SSO89SO)

35. Ho be le palesa tlasa manono a mabedi a sona, le palesa e nngwe hape tlasa manono a mabedi a sona; le palesa e nngwe hapehape tlasa manono a mabedi a sona. Ho be jwalo makaleng a tsheletseng, a tlohang lenonong la sedulwana.

36. Dipalesa le manono a tsona di thulellwe le sedulwana, e be ntho e le nngwe e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng.

37. “O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona.

38. Matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, e be tsa kgauta e hlwekileng.

39. Sedulwana sena, le thepa yohle ya sona, di etswe ka kgauta e hlwekileng, e lekanang le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene ka boima.

40. Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.”

Phallo 25