1. Morena a bua ho Moshe, a re:
2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.
3. Ke tsena dimpho tseo le tla di amohela ho bona: kgauta, le silefera, le lethose;
4. masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lesela la lene, le ka boya ba dipodi;
5. matlalo a dipheleu a mafubedu ke mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane;
6. le ole ya ho bonesa, le dinoko tsa ole ya ho tlotsa, le mokubetso o monko o monate;
7. le majwe a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba.
8. “Jwale ba nketsetse Sehalalelo, ke tle ke ahe hara bona.
9. Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”
10. “Ba etse areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.
11. O manehe kgauta e hlwekileng hodima areka eo; o e manehe kantle le kahare, mme hodima yona o etse moqhaka wa kgauta o e potolohang.
12. O tle o e etsetse mehele e mene ya kgauta, o e kgwese maotong a yona a mane; mehele e mmedi e be ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi.
13. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o etse mefeng e jarang, o e manehe kgauta.
14. Mefeng eo o tla e kgwesa meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona.
15. Mefeng e jarang e tla kenngwa meheleng ya areka, mme e se ke ya ba ya ntshwa meheleng eo.