Phallo 24:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. Empa Modimo a se ke a otla mahosana a bana ba Iseraele, mme ha ba se ba bone Modimo ba eja, ba enwa.

12. Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”

13. Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.

14. O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”

15. Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la aparela thaba.

16. Tlotla ya Morena ya eba hodima thaba ya Sinai, mme leru la e aparela ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa, Morena a le kahara leru, a bitsa Moshe.

17. Ho hlaha ha tlotla ya Morena ho ne ho tshwana le kgabo ya mollo, e tukang hodima tlhoro ya thaba, moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona.

18. Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.

Phallo 24