Phallo 23:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. “O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno.

7. O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.

8. “O se ke wa amohela tjotjo, hobane tjotjo e a foufatsa, mme e sotha dipolelo tsa ya lokileng.

9. “O se ke wa hatella mojaki; o tseba maikutlo a mojaki, hobane le lona le bile bajaki naheng ya Egepeta.”

10. “Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, mme o kotule tseo e di behileng.

11. Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.

12. “O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, o phomole ka letsatsi la bosupa; e le hore pholo ya hao, le tonki ya hao, di tle di phomole; le mora wa lekgabunyane la hao, le mojaki ba ke ba re kgefu!

Phallo 23