17. “Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.
18. “Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.
19. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao.“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”
20. “Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng.
21. O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.
22. Empa ha o fela o mamedisa lentswe la lona, mme o etsa sohle seo ke se bolelang, ke tla ba sera sa dira tsa hao, le molwanedi ho ba o lwantshang.
23. “Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.
24. O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.
25. Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.
26. Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.
27. “Ke tla etsa hore batho ba o lwantshang ba ntshabe, ke ferekanye bohle bao o tla fihla hara bona, ke etse hore dira tsa hao tsohle di o balehe.
28. Ke tla romela bobi ho o etella pele, mme bo tla leleka Bahife, le Bakanana, le Bahete kapele ho wena.
29. “Nke ke ka ba leleka kapele ho wena ka selemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nanaola, mme dibatana tsa naha tsa ngatafala, tsa o lwantsha.
30. Ke tla ba lelekisa kapele ho wena butlebutle, ho fihlela o eba le bana ba bangata, naha e eba ya hao.
31. “Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.
32. “O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.
33. Ha ba ka ke ba aha naheng ya hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe, hobane ha o ka sebeletsa medimo ya bona, hoo e tla ba leraba ho wena.”