Phallo 23:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. “O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong.“O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.

17. “Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.

18. “Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.

19. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao.“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

20. “Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng.

21. O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.

22. Empa ha o fela o mamedisa lentswe la lona, mme o etsa sohle seo ke se bolelang, ke tla ba sera sa dira tsa hao, le molwanedi ho ba o lwantshang.

23. “Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.

24. O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.

Phallo 23