Phallo 23:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. “O tla etsa mokete wa bohobe bo sa lomoswang; ka matsatsi a supileng o je bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane ke ka yona o tswileng naheng ya Egepeta.“Ho se be ya tla hlaha kapele ho nna a itsolokile.

16. “O tla etsa mokete wa kotulo, wa dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, wa tseo o di jetseng masimong.“O tla etsa le mokete wa kotulo yohle qetellong ya selemo, ha o fiella tsa tshebetso ya hao masimong.

17. “Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.

18. “Madi a sehlabelo sa ka a se ke a nyehelwa mmoho le bohobe bo lomositsweng, leha e le ho boloka mafura a tsa mokete wa ka ho fihlela ka letsatsi le hlahlamang.

19. “Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o tla di tlisa tlung ya Morena Modimo wa hao.“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”

20. “Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng.

21. O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.

Phallo 23