Phallo 23:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. “O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano.

2. “O se ke wa kgema le bongata ho etsa bokgopo; leha e le ho bea bopaki bo ka dumellanang le bongata nyeweng, e le ho sotha toka.

3. O se ke wa ba leeme nyeweng ya mofutsana.

4. “Ha o bona kgomo ya sera sa hao, kapa tonki ya sona, e eya hosele, e thibe, o e busetse ho sona.

5. Ha o bona tonki ya ya o hloileng e bothisitswe ke ho imelwa ke thoto, o se ke wa e feta, o mpe o thuse monga yona ho e tsosa.

6. “O se ke wa sotha kahlolo nyeweng ya mofutsana wa heno.

7. O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.

8. “O se ke wa amohela tjotjo, hobane tjotjo e a foufatsa, mme e sotha dipolelo tsa ya lokileng.

9. “O se ke wa hatella mojaki; o tseba maikutlo a mojaki, hobane le lona le bile bajaki naheng ya Egepeta.”

10. “Ka dilemo tse tsheletseng o tla lema tshimo ya hao, mme o kotule tseo e di behileng.

Phallo 23