Phallo 22:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ha motho a utswa kgomo kapa nku, mme a e hlaba, kapa a e rekisa, o tla lefa kgomo eo ka dikgomo tse hlano, mme a lefe nku eo ka dinku tse nne.

2. “Haeba leshodu le fumanwa le thua, mme le otlwa, le bolawa, ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa ho tsholla madi.

3. Haeba a ka le bolaya motsheare, o tla fumanwa a le molato wa ho tsholla madi.“Leshodu le tla lefiswa. Haeba leshodu le se na letho, le tla rekiswa ho lefella boshodu ba lona.

4. “Ha phoofolo e utswitsweng e fumanwa matsohong a leshodu e ntse e phela, e ka ba kgomo, kapa tonki, kapa nku, le tla e lefa habedi.

5. “Ha motho a fudisa diphoofolo tshimong, kapa serapeng sa morara, mme a tlohella dikgomo tsa hae ho fula tshimong ya e mong, o tla lefa ka tse ntle tse tswang tshimong ya hae, le ka tse ntle tse tswang serapeng sa hae sa morara.

6. “Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo.

7. “Ha motho a nea e mong tjhelete, kapa diphahlo hore a di boloke, mme tsena di utsuwa ka tlung ya motho eo; haeba leshodu le fumanwa, le tla lefiswa habedi.

8. Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla iswa moo ho rapelwang Modimo teng, ho hlapanya hore ha a a ka a isa letsoho dinthong tsena tsa motho e mong.

9. Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: <Ke yona ena,> taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi.

10. “Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang;

11. batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho.

Phallo 22