5. “Empa haeba lekgoba le bolela, le re: <Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha,>
6. monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.
7. “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.
8. Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.
9. Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana.
10. Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo.
11. Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.”
12. “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.
13. Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.
14. Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.