28. “Haeba pholo e hlaba monna kapa mosadi, mme eba o a shwa, ruri pholo eo e tla tlepetswa ka majwe; nama ya yona e ke ke ya jewa, mme monga yona ha a na molato.
29. Empa ha pholo eo e tlwaetse ho hlaba batho, mme monga yona a se a nnile a hlokomediswa, feela a sa e dise, jwale e hlaba monna kapa mosadi, e mmolaya, pholo eo e tla tlepetswa ka majwe, mme le monga yona o tla bolawa.
30. Haeba a lefiswa ho pholosa bophelo ba hae, a lefe tjhelete yohle eo ho thweng a e lefe.
31. Haeba pholo ena e hlaba moshanyana, kapa e hlaba ngwanana, ho tla latelwa kahlolo ena.
32. Haeba pholo ena e hlaba lekgoba la monna kapa e hlaba lekgoba la mosadi, monga yona o tla lefa monga lekgoba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano, mme pholo yona e tlepetswe ka majwe.
33. “Ha motho a kwaholla sekoti, kapa ha motho a tjheka sekoti, mme a sa se kwahele, eba kgomo kapa tonki e wela ka ho sona,
34. monga sekoti sena o tla lefa. O tla lefa monga phoofolo eo ka tjhelete, mme phoofolo e shweleng e be ya hae.
35. “Haeba pholo ya motho e mong e hlaba pholo ya e mong osele, mme pholo eo e eshwa, ba tla rekisa pholo e phelang, ba arolelane tjhelete ya yona, mme e shweleng ba e kgekgethe.
36. Kapa haeba ho tsejwa hore pholo eo e tlwaetse ho hlaba tse ding, mme monga yona a sa ka a e disa, o tla lefa pholo e shweleng ka pholo e phelang, mme pholo e shweleng e be ya hae.”