18. “Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela;
19. haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola.
20. “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.
21. Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.
22. “Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng.
23. Empa haeba ho hlaha kotsi, ho tla lefeletswa bophelo ka bophelo;
24. leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto;
25. ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa.
26. “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona.
27. Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.”
28. “Haeba pholo e hlaba monna kapa mosadi, mme eba o a shwa, ruri pholo eo e tla tlepetswa ka majwe; nama ya yona e ke ke ya jewa, mme monga yona ha a na molato.