4. “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe.
5. O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.
6. Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.
7. “O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso la hae.
8. “Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.
9. O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme wa etsa mosebetsi wa hao kaofela,