Phallo 20:20-26 BIBELE (SSO89SO)

20. Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng, hobane Modimo o tlile ho le leka, e le hore le tle le mo tshabe, le se ke la etsa sebe.”

21. Setjhaba sa emella hole, mme Moshe a atamela lerung le letsho, moo Modimo a neng a le teng.

22. Morena a re ho Moshe: “O tle o bue tjena ho bana ba Iseraele: <Le bone hore ke buile le lona ke le mahodimong.

23. Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta.

24. “ <O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.

25. Ha o nketsetsa aletare ka majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng, hobane ho a betla ke ho e silafatsa.

26. O se ke wa hlwella aletareng ya ka ka mehato, e le hore bofeela ba hao bo se ke ba apohela ho yona.> ”

Phallo 20