Phallo 20:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Modimo o bua mantswe ana wohle, o re:

2. “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.

3. “O se ke wa ba le medimo e meng kantle ho nna.

4. “O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong; kapa e tlase, lefatsheng; kapa e metsing, katlase ho lefatshe.

5. O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.

6. Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.

Phallo 20