Phallo 2:8-15 BIBELE (SSO89SO)

8. Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya!” Ngwanana a ya, a bitsa mma ngwana eo.

9. Yaba moradi wa Faro o re: “Nka ngwana enwa, o yo nnyantshetsa yena, mme ke tla o nea moputso wa hao.” Mosadi eo a nka ngwana, mme a ya mo nyantsha.

10. Ha ngwana a se a hodile, mosadi a mo tlisa ho moradi wa Faro, ya eba mora wa hae. A mo rea lebitso la Moshe, a re: “Ke hobane ke mo inotse metsing.”

11. Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.

12. A qamaka ka nqa tsohle, mme ha a bona hore ha ho motho, a bolaya Moegepeta eo, a mo epela lehlabatheng.

13. Ka letsatsi le hlahlamang a ya hape, a bona banna ba Baheberu ba babedi ba lwana; yaba o re ho ya molato: “Ke ka baka lang ha o otla ngwaneno?”

14. Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”

15. Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.

Phallo 2