Phallo 2:4-8 BIBELE (SSO89SO)

4. Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena.

5. Jwale moradi wa Faro a theohela nokeng, ho ya tola; barwetsana ba mo sebeletsang ba nna ba tsamaya lebopong la noka. Moradi wa Faro a bona sethoto hara lehlaka, mme a romela lekgabunyane la hae ho ya se lata.

6. Ha a se kwaholla, a bona ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo hauhela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.”

7. Yaba kgaitsedi ya ngwana eo e re ho moradi wa Faro: “Na nka ya o bitsetsa mosadi wa Moheberu ya nyantshang, a tle a o nyantshetse ngwana eo?”

8. Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya!” Ngwanana a ya, a bitsa mma ngwana eo.

Phallo 2