Phallo 2:14-19 BIBELE (SSO89SO)

14. Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”

15. Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.

16. Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona.

17. Ke ha ho fihla badisa, eba ba a ba leleka; yaba Moshe o a ema, o a ba thusetsa, a ba a nwesa mohlape wa bona.

18. Ha ba fihla ho ntata bona, Reuele, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le tlile kapele, kajeno?”

19. Ba araba, ba re: “Monna e mong wa Moegepeta o ile a re namolela ho badisa; a ba a re kgella metsi, a nwesa mohlape.”

Phallo 2