Phallo 2:11-24 BIBELE (SSO89SO)

11. Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.

12. A qamaka ka nqa tsohle, mme ha a bona hore ha ho motho, a bolaya Moegepeta eo, a mo epela lehlabatheng.

13. Ka letsatsi le hlahlamang a ya hape, a bona banna ba Baheberu ba babedi ba lwana; yaba o re ho ya molato: “Ke ka baka lang ha o otla ngwaneno?”

14. Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”

15. Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.

16. Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona.

17. Ke ha ho fihla badisa, eba ba a ba leleka; yaba Moshe o a ema, o a ba thusetsa, a ba a nwesa mohlape wa bona.

18. Ha ba fihla ho ntata bona, Reuele, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le tlile kapele, kajeno?”

19. Ba araba, ba re: “Monna e mong wa Moegepeta o ile a re namolela ho badisa; a ba a re kgella metsi, a nwesa mohlape.”

20. Yaba o re ho baradi ba hae: “O kae monna eo? Le ne le mo sielang? Mmitseng, a tlo ja!”

21. Moshe a utlwisisa ho dula ha monna eo, mme monna eo a mo nea Sefora, moradi wa hae.

22. Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.”

23. Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, kgosi ya Egepeta ya eshwa. Bana ba Iseraele ba dumaduma ka baka la bokgoba ba bona, ba lla. Bokgobeng boo ba bona, sello sa bona sa nyolohela ho Modimo.

24. Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.

Phallo 2