Phallo 2:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. Ha ngwana a se a hodile, mosadi a mo tlisa ho moradi wa Faro, ya eba mora wa hae. A mo rea lebitso la Moshe, a re: “Ke hobane ke mo inotse metsing.”

11. Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.

12. A qamaka ka nqa tsohle, mme ha a bona hore ha ho motho, a bolaya Moegepeta eo, a mo epela lehlabatheng.

13. Ka letsatsi le hlahlamang a ya hape, a bona banna ba Baheberu ba babedi ba lwana; yaba o re ho ya molato: “Ke ka baka lang ha o otla ngwaneno?”

14. Eo a araba, a re: “Ke mang ya o beileng hore o be mmusi le moahlodi wa rona? O so rata ho mpolaya jwalokaha o bolaile Moegepeta?” Yaba Moshe o a tshoha, o re: “Ruri taba ena e a tsejwa!”

15. Yare ha Faro a utlwela taba ena, a batla ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha Faro, a tshabela naheng ya Midiane, a fihla a dula pela sediba sa moo.

16. Jwale moprista wa Midiane o ne a ena le baradi ba supileng. Yaba ba a tla, ba kga metsi, ba tlatsa senwello, ba nwesa mehlape ya ntata bona.

17. Ke ha ho fihla badisa, eba ba a ba leleka; yaba Moshe o a ema, o a ba thusetsa, a ba a nwesa mohlape wa bona.

18. Ha ba fihla ho ntata bona, Reuele, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le tlile kapele, kajeno?”

19. Ba araba, ba re: “Monna e mong wa Moegepeta o ile a re namolela ho badisa; a ba a re kgella metsi, a nwesa mohlape.”

20. Yaba o re ho baradi ba hae: “O kae monna eo? Le ne le mo sielang? Mmitseng, a tlo ja!”

21. Moshe a utlwisisa ho dula ha monna eo, mme monna eo a mo nea Sefora, moradi wa hae.

22. Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.”

Phallo 2