Phallo 2:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Monna e mong wa leloko la Levi a ya, a nyala morwetsana wa leloko la Levi.

2. Mosadi eo a ithwala, a tswala mora. Ha a bona hore o motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo.

3. Yare ha a se a sitwa ho mo pata, a nka sethoto se entsweng ka lehlaka, a se bitiela ka boroku le ka boka, mme a bea ngwana boroku le ka boka, mme a bea ngwana ka ho sona, a se bea hara lehlaka, lebopong la noka.

4. Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena.

5. Jwale moradi wa Faro a theohela nokeng, ho ya tola; barwetsana ba mo sebeletsang ba nna ba tsamaya lebopong la noka. Moradi wa Faro a bona sethoto hara lehlaka, mme a romela lekgabunyane la hae ho ya se lata.

Phallo 2