Phallo 19:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng.

9. Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.

10. Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.

11. Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.

12. O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: <Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.

13. Ho se be motho ya mo amang ka letsoho: a tlepetswe ka majwe, kapa a hlajwe ka metsu, a shwe; leha e ka ba motho, kapa phoofolo, a se ke a phela. E tle ere ha ho letswa lenaka batho ba nyolohele thabeng.> ”

14. Yaba Moshe o theohela ho batho a etswa thabeng, a hlwekisa setjhaba,

15. mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.”

16. Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.

Phallo 19