Phallo 19:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka kgwedi ya boraro bana ba Iseraele ba tswile naheng ya Egepeta, ka lona letsatsi leo ba fihla lehwatateng la Sinai.

2. Ha ba tloha Refidime ba fihla lehwatateng la Sinai, mme ba hloma moo lehwatateng. Baiseraele ba hloma kapele ho thaba.

3. Yaba Moshe o nyolohela ho Modimo, mme Morena a mmitsa a le thabeng, a re: “O tle o bue tjena ho ba ntlo ya Jakobo, mme o bolelle bana ba Iseraele, o re:

4. <Le bone tseo ke di entseng Egepeta, le kamoo ke ileng ka le pepa kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.

5. Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka.

6. Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.> Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”

7. Moshe a theoha, a bitsa baholo ba setjhaba, a ba bolella mantswe ana wohle ao Morena a mo laetseng wona.

8. Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng.

9. Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.

10. Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.

Phallo 19