2. Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, o ne a ile a tlisa Sefora, mosadi wa Moshe, eo Moshe a neng a ile a mo kgutlisetsa ha habo,
3. le bara ba hae ba babedi. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Gereshome, hobane Moshe o ne a re: “Ke bile mojaki naheng ya baditjhaba.”
4. Lebitso la mora e mong wa hae e ne e le Eleesare, hobane Moshe o ne a re: “Modimo wa bontate o ile a nthusa, mme o ile a nnamolela ha Faro a ne a mpolaya ka sabole.”
5. Ha Moshe a le lehwatateng, thabeng ya Modimo, moo a neng a hlomile teng, mohwe wa hae Jethero, a fihla moo a ena le bara ba Moshe, le mosadi wa Moshe.
6. Yaba o tsebisa Moshe o re: “Nna Jethero, mohwe wa hao, ke tlile ho wena, ke ena le mosadi wa hao, le bara ba hao ba babedi bao a nang le bona.”
7. Jwale Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa mohwe wa hae; a itihela kapele ho yena, a mo aka. Ba botsana bophelo, ba nto kena ka tenteng.
8. Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng.
9. Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta.
10. Yaba Jethero o re: “Ho bokwe Morena ya le namoletseng matsohong a Baegepeta, le matsohong a Faro; ya namoletseng tjhaba sa hae matsohong a Baegepeta.
11. Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”
12. Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.
13. Ka letsatsi la hosasane Moshe a dula kgotla ho ahlola batho. Setjhaba sa ema kapele ho Moshe ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya.