Phallo 18:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Yaba Moshe o re ho mohwe wa hae: “Ke hobane batho ba tla ho nna ho tla tseba thato ya Modimo.

16. Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”

17. Yaba mohwe wa Moshe o re ho yena: “Ntho ena eo o e etsang ha e ntle.

18. Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong.

19. Jwale ako mamele lentswe la ka; ke tla o eletsa, mme Modimo a ke a be le wena! E be wena ya bang lebitsong la setjhaba kapele ho Modimo, ditaba tsa bona o di tlise kapele ho Modimo.

20. Wena o ba rute ditaelo le melao, mme o ba tsebise tsela eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa.

21. Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.

22. O ba etse baahlodi ba setjhaba ka dinako tsohle. Dinyewe tsohle tse kgolo ba di tlise ho wena, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi jwalo, mme ba o imolle.

23. Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.”

24. Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae, mme a etsa sohle seo a se boletseng.

25. Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome.

Phallo 18