11. Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”
12. Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.
13. Ka letsatsi la hosasane Moshe a dula kgotla ho ahlola batho. Setjhaba sa ema kapele ho Moshe ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya.
14. Mohwe wa Moshe a bona tsohle tseo Moshe a neng a di etsetsa setjhaba, mme a re: “Keng ee, eo o e etsetsang setjhaba? Ke ka baka lang ha o ahlola o le mong, mme setjhaba sohle se eme kapele ho wena ho wena ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya?”
15. Yaba Moshe o re ho mohwe wa hae: “Ke hobane batho ba tla ho nna ho tla tseba thato ya Modimo.
16. Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”
17. Yaba mohwe wa Moshe o re ho yena: “Ntho ena eo o e etsang ha e ntle.
18. Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong.
19. Jwale ako mamele lentswe la ka; ke tla o eletsa, mme Modimo a ke a be le wena! E be wena ya bang lebitsong la setjhaba kapele ho Modimo, ditaba tsa bona o di tlise kapele ho Modimo.
20. Wena o ba rute ditaelo le melao, mme o ba tsebise tsela eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa.
21. Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.
22. O ba etse baahlodi ba setjhaba ka dinako tsohle. Dinyewe tsohle tse kgolo ba di tlise ho wena, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi jwalo, mme ba o imolle.
23. Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.”
24. Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae, mme a etsa sohle seo a se boletseng.