Phallo 18:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta.

2. Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, o ne a ile a tlisa Sefora, mosadi wa Moshe, eo Moshe a neng a ile a mo kgutlisetsa ha habo,

3. le bara ba hae ba babedi. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Gereshome, hobane Moshe o ne a re: “Ke bile mojaki naheng ya baditjhaba.”

Phallo 18