Phallo 17:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.”

10. Joshua a etsa jwalokaha Moshe a mo laetse, a ya lwantsha Baamaleke; Moshe, le Arone, le Hure ba hlwella hodima tlhoro ya leralla.

11. Ha Moshe a ntse a phahamisitse matsoho a hae, Baiseraele ba ne ba hlola, empa ha a phomotsa matsoho a hae, Baamaleke ba ne ba hlola.

12. Jwale matsoho a Moshe a kgathala. Ba nka lejwe, ba le bea katlasa Moshe, mme a dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane; jwale matsoho a hae a tiya ho fihlela letsatsi le dikela.

13. Joshua a hlola Baamaleke, a ba bolaya ka sabole.

14. Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”

Phallo 17