Phallo 17:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tsamaya ho tloha lehwatateng la Sine; sa nna sa tsamaya, ho ya ka taelo ya Morena, ho fihlela se hloma Refidime. Setjhaba sa hloka metsi ao se a nwang.

2. Yaba setjhaba se ipelaetsa ho Moshe, se re: “Re fe metsi, re nwe!”Moshe a re ho sona: “Ke hobaneng ha le ipelaetsa? Le lekelang Morena?”

3. Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”

4. Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Setjhaba see ke tla se etsa jwang? Ho se ho se hokae se ntlepetsa ka majwe!”

5. Yaba Morena o re ho Moshe: “Nka ba bang ba baholo ba setjhaba sa Iseraele, o ye kapele ho sona; ka letsohong la hao o nke molamu wa hao, oo o neng o otle metsi a noka ka wona, o tsamaye.

6. Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe. O tle o otle lefika leo. Metsi a tla tswa ho lona, mme setjhaba se tla nwa.” Moshe a etsa jwalo moo baholo ba setjhaba sa Iseraele ba ntseng ba bona.

Phallo 17