Phallo 16:9-27 BIBELE (SSO89SO)

9. Jwale Moshe a re ho Arone: “Ere ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: <Tloong kapele ho Morena, hobane o utlwile ho korotla ha lona.> ”

10. Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.

11. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

12. “Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: <Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.> ”

13. Mantsiboya ha nyoloha dikwekwe, tsa fihla tsa hwaramana diahelong tsa bona. Hoseng ha tsoha ho letse phoka diahelong tsa bona.

14. Ha phoka ena e ntse e nyamela, hodima lehwatata ha bonahala ho hong ho honyenyane, ho kang mahehefa, ho honyenyane jwaloka serame se letseng.

15. Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng.Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je.

16. Sena ke seo Morena a se laetseng: <Motho ka mong a ipokellele ho lekaneng hore a je. Tekanyo ya motho ka mong ke dilethara tse pedi, ho latela palo ya batho; motho ka mong a nkele ba ka tenteng ya hae.> ”

17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo. Ba thonaka, e mong a bokella haholo, e mong hanyenyane.

18. Ha ba etsa tekanyo ka dilethara tse pedi, ya neng a bokeletse haholo a se ke a sallwa ke letho; le ya neng a bokeletse hanyenyane a se ke a haellwa ke letho; e mong le e mong o ne a bokeletse ho lekaneng hore a je.

19. Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!”

20. Empa ha ba a ka ba mamela Moshe; ba bang ba di bolokela letsatsi la hosasane, yaba di nyeunya diboko, di a nkga. Moshe a ba halefela.

21. Hosasa ho hong le ho hong ba bokella; e mong le e mong a bokella ho lekaneng hore a je, empa ha letsatsi le tjhesa di ne di ye di qhibidihe.

22. Ka letsatsi la botshelela ba bokella bohobe ba matsatsi a mabedi, motho ka mong dilethara tse nne. Baokamedi bohle ba setjhaba ba tla, ba tsebisa Moshe.

23. Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: <Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.> ”

24. Yaba ba di bolokela la hosasane, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse, mme tsa se ke tsa nkga, le diboko tsa se ke tsa eba teng ho tsona.

25. Moshe a re: “Di jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha sa Morena. Kajeno ha ho letho leo le ka le fumanang naheng.

26. Le tla di bokella ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa, leo e leng la Sabatha, ha ho letho le tla ba teng.”

27. Ka letsatsi la bosupa batho ba bang ba tswa ho ya ithonakela, empa ba se ke ba fumana letho.

Phallo 16