29. Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”
30. Setjhaba sa phomola ka letsatsi la bosupa.
31. Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.
32. Jwale Moshe a re: “Seo Morena a se laetseng ke sena: <Tlatsang dilethara tse pedi ka manna, le a bolokele ditloholo tsa lona, e le hore di tle di bone bohobe boo ke ileng ka le fepa ka bona lehwatateng, hoba ke le ntshe naheng ya Egepeta.> ”
33. Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka nkgo e le nngwe, o tshele manna a etsang dilethara tse pedi ka ho yona, o e bee kapele ho Morena, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.”
34. Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe.
35. Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.
36. Dilethara tse pedi e ka ba karolo e le nngwe ya tse leshome tsa moritshwana oo ho neng ho lekannywa ka wona.