11. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:
12. “Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: <Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.> ”
13. Mantsiboya ha nyoloha dikwekwe, tsa fihla tsa hwaramana diahelong tsa bona. Hoseng ha tsoha ho letse phoka diahelong tsa bona.
14. Ha phoka ena e ntse e nyamela, hodima lehwatata ha bonahala ho hong ho honyenyane, ho kang mahehefa, ho honyenyane jwaloka serame se letseng.
15. Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng.Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je.
16. Sena ke seo Morena a se laetseng: <Motho ka mong a ipokellele ho lekaneng hore a je. Tekanyo ya motho ka mong ke dilethara tse pedi, ho latela palo ya batho; motho ka mong a nkele ba ka tenteng ya hae.> ”
17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo. Ba thonaka, e mong a bokella haholo, e mong hanyenyane.
18. Ha ba etsa tekanyo ka dilethara tse pedi, ya neng a bokeletse haholo a se ke a sallwa ke letho; le ya neng a bokeletse hanyenyane a se ke a haellwa ke letho; e mong le e mong o ne a bokeletse ho lekaneng hore a je.
19. Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!”
20. Empa ha ba a ka ba mamela Moshe; ba bang ba di bolokela letsatsi la hosasane, yaba di nyeunya diboko, di a nkga. Moshe a ba halefela.
21. Hosasa ho hong le ho hong ba bokella; e mong le e mong a bokella ho lekaneng hore a je, empa ha letsatsi le tjhesa di ne di ye di qhibidihe.
22. Ka letsatsi la botshelela ba bokella bohobe ba matsatsi a mabedi, motho ka mong dilethara tse nne. Baokamedi bohle ba setjhaba ba tla, ba tsebisa Moshe.
23. Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: <Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.> ”
24. Yaba ba di bolokela la hosasane, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse, mme tsa se ke tsa nkga, le diboko tsa se ke tsa eba teng ho tsona.