Phallo 16:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta.

2. Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone lehwatateng.

3. Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”

4. Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe.

5. Ka letsatsi la botshelela se tla bokella, mme se bokelle ho lekaneng matsatsi a mabedi.”

6. Moshe le Arone ba re ho bana bohle ba Iseraele: “Mantsiboyeng wona ana, le tla tseba hore Morena ke yena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.

7. Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?”

8. Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”

9. Jwale Moshe a re ho Arone: “Ere ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: <Tloong kapele ho Morena, hobane o utlwile ho korotla ha lona.> ”

10. Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.

11. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:

12. “Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: <Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.> ”

13. Mantsiboya ha nyoloha dikwekwe, tsa fihla tsa hwaramana diahelong tsa bona. Hoseng ha tsoha ho letse phoka diahelong tsa bona.

Phallo 16