Phallo 15:23-27 BIBELE (SSO89SO)

23. Ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, hobane a ne a baba. Ke ka lebaka lena sebaka seo se reilweng lebitso la Mara.

24. Setjhaba sa korotlela Moshe, sa re: “Re tla nwa eng?”

25. Yaba Moshe o ipiletsa ho Morena, mme Morena a mmontsha sefate. Moshe a nka lekala la sona a le lahlela ka metsing, mme metsi a eba monate.Morena a ba beela molao le taelo, a ba a ba leka hona moo,

26. mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”

27. Jwale ba fihla Elime, moo ho neng ho ena le didiba tse leshome le metso e mmedi, le difate tse mashome a supileng tsa dipalema, mme ba hloma ditente tsa bona pela metsi.

Phallo 15