1. Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re:“Ke tla binela Morena,hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo;o lahletse perele mopalami wa yonaka lewatleng.
2. Morena ke matla a ka,le thoko ya ka;ke yena ya mpholositseng,ke Modimo wa ka,mme ke tla mo rorisa,ke Modimo wa ntate,mme ke tla mo tlotlisa.
3. Morena ke mohlabani,lebitso la hae ke Morena.
4. O dihetse dikariki tsa Faro,le mabotho a hae ka lewatleng,mokgetho wa balaodi ba haewa teba Lewatleng la Lehlaka.
5. Bodiba bo ba pupeditse,ba theohetse tlasetlase jwaloka lejwe.