1. Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re:“Ke tla binela Morena,hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo;o lahletse perele mopalami wa yonaka lewatleng.
2. Morena ke matla a ka,le thoko ya ka;ke yena ya mpholositseng,ke Modimo wa ka,mme ke tla mo rorisa,ke Modimo wa ntate,mme ke tla mo tlotlisa.
3. Morena ke mohlabani,lebitso la hae ke Morena.
4. O dihetse dikariki tsa Faro,le mabotho a hae ka lewatleng,mokgetho wa balaodi ba haewa teba Lewatleng la Lehlaka.
5. Bodiba bo ba pupeditse,ba theohetse tlasetlase jwaloka lejwe.
6. “Morena, tsoho la hao le letonale tlotlisitswe ka matla,Morena, tsoho la hao le letonale thuankantse sera.
7. Ka boholo ba botlotlehi ba hao,o diha ba o tsohelang matla;kgalefo ya hao ha e tukae ba tjhesa jwaloka mmoko.
8. Ka moya o tswang nkong tsa haometsi a bokellana, metsi a phallanga ema jwaloka lerako,madiba a tuduanabotebong ba lewatle.
9. “Sera se ile sa re:<Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware;ke arole kgapo, ke kgotsofale.Ke tla hula sabole ya ka,ka tsoho la ka ke ba timetse.>
10. O ile wa fokisa moya wa hao,lewatle la ba kwahela,ba teba jwaloka lotometsing a tshabehang.