Phallo 14:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.

9. Baegepeta ba ba phaladisa ka dipere le ka dikariki tsa ntwa tsa Faro, le ka bapalami ba hae, le ka lebotho lohle la hae, mme ba fihla ho bona moo ba neng ba hlomile lebopong la Lewatle, haufi le Pi-Hahirote, kapele ho Baale-Sefone.

10. Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena.

11. Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?

12. Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: <Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta>? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”

13. Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.

Phallo 14