3. Faro o tla re: <Bana ba Iseraele ba ntse ba lelera hara naha; lehwatata le ba thibetse.>
4. Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.
5. Ha kgosi ya Egepeta e tsebiswa hore Baiseraele ba balehile, Faro le bahlanka ba hae ba fetohela setjhaba seo, ba re: “Re ne re etsang ha re lokolla Baiseraele ba neng ba re sebeletsa?”
6. Faro a hlopha dikariki tsa hae tsa ntwa, mme a nka le setjhaba sa hae.
7. A nka dikariki tsa ntwa tse makgolo a tsheletseng, tse kgethilweng, le dikariki tsohle tsa Egepeta, le balaodi ba di laolang.
8. Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.
9. Baegepeta ba ba phaladisa ka dipere le ka dikariki tsa ntwa tsa Faro, le ka bapalami ba hae, le ka lebotho lohle la hae, mme ba fihla ho bona moo ba neng ba hlomile lebopong la Lewatle, haufi le Pi-Hahirote, kapele ho Baale-Sefone.
10. Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena.
11. Yaba ba re ho Moshe: “Na ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho tla shwela lehwatateng moo? Keng ntho ee eo o e entseng ho rona, ha o re ntshitse Egepeta?
12. Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: <Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta>? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”
13. Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
14. Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”
15. Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
16. Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.
17. Bona, ke tla thatafatsa dipelo tsa Baegepeta, mme ba tla ba sala morao. Ke tla itlotlisa ka Faro, le ka mabotho a hae, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.