Phallo 14:29-31 BIBELE (SSO89SO)

29. Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba tsamaya mobung o ommeng kahara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.

30. Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle.

31. Baiseraele ba bona letsoho le matla la Morena, le ileng la hlola Baegepeta. Setjhaba sa tshaba Morena, mme sa dumela ho Morena, le ho Moshe, mohlanka wa hae.

Phallo 14