21. Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana.
22. Bana ba Iseraele ba kena hara lewatle, mobung o ommeng, metsi a ba etsetsa lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.
23. Baegepeta ba ba phaladisa, ba ba sala morao ho ya fihla hara lewatle, ka dipere tsohle tsa Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.
24. E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.
25. A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”
26. Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima lewatle, o etse hore metsi a kwahele Baegepeta, le dikariki tsa bona tsa ntwa, le bapalami ba bona.”