13. Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
14. Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”
15. Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
16. Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.
17. Bona, ke tla thatafatsa dipelo tsa Baegepeta, mme ba tla ba sala morao. Ke tla itlotlisa ka Faro, le ka mabotho a hae, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.
18. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke itlotlisa ka Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.”
19. Lengeloi la Modimo, le neng le tsamaya kapele ho mabotho a bana ba Iseraele, la tjhetjha, la ema kamorao ho bona. Le leru le lopaletseng la tloha kapele ho bona, la ema kamorao ho bona.
20. pakeng tsa diahelo tsa Baegepeta le diahelo tsa Baiseraele. Leru la etsetsa Baegepeta lefifi, empa bana ba Iseraele la ba etsetsa lesedi; kahoo mabotho a sitwa ho atamelana bosiu bohle.
21. Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana.
22. Bana ba Iseraele ba kena hara lewatle, mobung o ommeng, metsi a ba etsetsa lerako ka letsohong le letona, le ka letsohong le letshehadi.
23. Baegepeta ba ba phaladisa, ba ba sala morao ho ya fihla hara lewatle, ka dipere tsohle tsa Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.
24. E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.