Phallo 14:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bolella bana ba Iseraele ba kgutlele morao, ba yo hloma kapele ho Pi-Hahirote, pakeng tsa Migedole le Lewatle, kapele ho Baale-Sefone, ba hlome ditente lebopong la Lewatle.

3. Faro o tla re: <Bana ba Iseraele ba ntse ba lelera hara naha; lehwatata le ba thibetse.>

4. Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.

Phallo 14