Phallo 13:7-16 BIBELE (SSO89SO)

7. Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang; bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa mahalona; le ditomoso di se ke tsa bonwa naheng ya lona.

8. Ka letsatsi lena o tla bolella mora wa hao, o re: <Ke etsa hona ka baka la seo Morena a ileng a nketsetsa sona, mohla ke tswang Egepeta.>

9. Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla.

10. O tla boloka taelo ena ka nako ya teng, ka selemo se seng le se seng.

11. “E tle ere ha Morena a se a o fihlisitse naheng ya Kanana jwalokaha a ile a o hlapanyetsa, wena le bo-ntatao, hore o tla o nea yona,

12. o tle o kgethele Morena matsibolo wohle a batho, le matsibolo a diphoofolo tsohle tsa hao. Tsohle tse tona ke tsa Morena.

13. Matsibolo wohle a ditonki o tla a lopolla ka konyana, mme ha o sa a lopolle, o a sothe melala. Matsibolo wohle a ba batona a bana ba hao o a lopolle.

14. “Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: <Hoo ke eng?> wena o tle o re ho yena: <Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.

15. E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla.>

16. Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao; e re hopotsa hore Morena o ne a re ntshe Egepeta ka letsoho la hae le matla.”

Phallo 13