Phallo 12:42-51 BIBELE (SSO89SO)

42. Ya eba bosiu ba ho lebella Morena ha a ne a tla ba ntsha naheng ya Egepeta; kahoo bosiu bona boo e tla ba bosiu ba ho lebella Morena setjhabeng sohle sa Iseraele, le melokong yohle ya sona.

43. Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena:“Ho se be moditjhaba ya tla e ja.

44. Empa lekgoba le rekilweng ka tjhelete le ka e ja, ha feela le boloditswe.

45. Moditjhaba le mohlanka ya hirilweng ba ke ke ba e ja.

46. “E tla jelwa ka tlung e le nngwe, nama ya yona le se ke la e ntshetsa kantle ho ntlo, mme le se ke la roba masapo a yona.

47. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla etsa mokete ona.

48. “Ha le ahisane le moditjhaba, mme a rata ho etsetsa Morena Paseka, eka kgona ba batona bohle ba lelapa la hae ba bolotswe, e be hona ba ka tlang ho keteka le lona, mme ba tla tshwana le matswallwa a naha eo. Empa maqai a ke ke a e ja.

49. Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.”

50. Bana bohle ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe le Arone.

51. Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.

Phallo 12