Phallo 12:33-50 BIBELE (SSO89SO)

33. Baegepeta ba sututsa setjhaba sa Iseraele ka matla, ho se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: “Kaofela ha rona re lekgatheng la ho shawa!”

34. Baiseraele ba nka hlama ya bona e eso lomoswe, le dijana tsa bona tse dubelang, ba di phutha ka diaparo tsa bona, ba di jara mahetleng a bona.

35. Bana ba Iseraele ba etsa ho ya kamoo Moshe a neng a ba laetse kateng, ba kopa Baegepeta hore ba ba fe dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo.

36. Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sa Iseraele, mme ba se nea seo se se kopang. Ba siya Baegepeta ba se na letho.

37. Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.

38. Letshwelehadi la meraberabe la ya le bona, le mehlape e mengata haholo ya dinku, le ya dikgomo.

39. Hlama eo ba tlileng le yona Egepeta ba e pheha, ba etsa dikuku tse sa lomoswang, hobane e ne sa ka ya lomoswa. Kaha ba ne ba tswile Egepeta ka ntshwe-di-sa-fohlwa, mme ba ne ba ke ke ba dieha, ba sitwa le ho iphehela mofao.

40. Nako eo bana ba Iseraele ba ileng ba aha Egepeta ka yona e bile dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo.

41. Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.

42. Ya eba bosiu ba ho lebella Morena ha a ne a tla ba ntsha naheng ya Egepeta; kahoo bosiu bona boo e tla ba bosiu ba ho lebella Morena setjhabeng sohle sa Iseraele, le melokong yohle ya sona.

43. Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ditaelo tsa Paseka ke tsena:“Ho se be moditjhaba ya tla e ja.

44. Empa lekgoba le rekilweng ka tjhelete le ka e ja, ha feela le boloditswe.

45. Moditjhaba le mohlanka ya hirilweng ba ke ke ba e ja.

46. “E tla jelwa ka tlung e le nngwe, nama ya yona le se ke la e ntshetsa kantle ho ntlo, mme le se ke la roba masapo a yona.

47. Setjhaba sohle sa Iseraele se tla etsa mokete ona.

48. “Ha le ahisane le moditjhaba, mme a rata ho etsetsa Morena Paseka, eka kgona ba batona bohle ba lelapa la hae ba bolotswe, e be hona ba ka tlang ho keteka le lona, mme ba tla tshwana le matswallwa a naha eo. Empa maqai a ke ke a e ja.

49. Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.”

50. Bana bohle ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe le Arone.

Phallo 12