Phallo 12:23-36 BIBELE (SSO89SO)

23. Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.

24. “Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona kamehla yohle.

25. Etlare ha le fihla naheng eo Morena a tla le nea yona, jwalokaha a boletse, le boloke tshebeletso ena.

26. E tle ere ha bana ba lona ba le botsa, ba re: <Tshebeletso ee e bolelang?>

27. le tle le re: <Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona.> ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela.

28. Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.

29. Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.

30. Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng.

31. Faro a bitsa Moshe le Arone, hara bosiu, mme a re: “Tsamayang, le tswe hara setjhaba sa ka, lona ba babedi hammoho le bana ba Iseraele, le tsamaye, le yo sebeletsa Morena ho ya kamoo le boletseng kateng!

32. Le nke mehlape ya lona ya dinku, le mehlape ya lona ya dikgomo, jwalokaha le ile la bolela; le tsamaye, mme le nna le ntlhohonolofatse!”

33. Baegepeta ba sututsa setjhaba sa Iseraele ka matla, ho se potlakisa hore se tswe naheng ya bona, hobane ba ne ba re: “Kaofela ha rona re lekgatheng la ho shawa!”

34. Baiseraele ba nka hlama ya bona e eso lomoswe, le dijana tsa bona tse dubelang, ba di phutha ka diaparo tsa bona, ba di jara mahetleng a bona.

35. Bana ba Iseraele ba etsa ho ya kamoo Moshe a neng a ba laetse kateng, ba kopa Baegepeta hore ba ba fe dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo.

36. Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sa Iseraele, mme ba se nea seo se se kopang. Ba siya Baegepeta ba se na letho.

Phallo 12