17. “ <Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.
18. Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, ka shwalane, le tla ja bohobe bo sa lomoswang ho fihlela ka shwalane ya letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi.
19. Ka matsatsi a supileng ho se be ditomoso tse tla fumanwa matlung a lona, hobane motho ya tla ja se lomositsweng o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele; e ka ba mojaki, kapa letswallwa la naha ya lona.
20. Le se ke la ja letho le lomositsweng; diahelong tsa lona tsohle le tla ja bohobe bo sa lomoswang!> ”
21. Yaba Moshe o bitsa baholo bohle ba Iseraele, o re ho bona: “Tsamayang le yo nkela malapa a lona dikonyana, mme le di hlabele mokete wa Paseka.
22. Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane.
23. Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.
24. “Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona kamehla yohle.
25. Etlare ha le fihla naheng eo Morena a tla le nea yona, jwalokaha a boletse, le boloke tshebeletso ena.
26. E tle ere ha bana ba lona ba le botsa, ba re: <Tshebeletso ee e bolelang?>
27. le tle le re: <Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona.> ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela.