Phallo 12:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe le ho Arone, ba le naheng ya Egepeta, a re:

2. “Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.

3. Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: <Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana.

4. Haeba lelapa le le lenyenyane haholo, hoo le ke keng la lekana ho ja konyana, le e kopanele le lelapa le bapileng le lona, e arolelanwe ho ya ka palo ya batho ba tla e ja.

5. E be konyana e tona, e se nang sepha, e nang le selemo. Le kgethe konyana kapa potsanyane.

6. Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e nto hlajwa ka shwalane, moo setjhaba sohle se leng teng.

7. Batho ba nke madi a yona, mme ka wona ba tlotse dikosene tse pedi tse mahlakoreng, le kosene e kahodimo ho monyako, matlung wohle ao ba tla e jella ho wona.

8. Ba je nama eo hona bosiung bona boo, e besitswe, ba e jelelle le bohobe bo sa lomoswang, le ka moroho o babang.

9. Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona.

Phallo 12