5. Matsibolo wohle a naheng ya Egepeta a tla shwa; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le kgumameng kamora lelwala, le matsibolo wohle a diphoofolo.
6. Ho tla ba le sello sa phohomela naheng yohle ya Egepeta, seo ho esong ho be se kang sona, mme se ke keng sa hlola se eba teng.
7. Empa hara bana ba Iseraele bohle, ha ho le ntja e tla ke e rorele motho kapa phoofolo, e le hore le tle le tsebe hore Morena o kgetholla Baegepeta ho Baiseraele.
8. Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: <Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,> mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.
9. Jwale Morena a re ho Moshe: “Faro ha a ka ke a o mamela, e le hore mehlolo ya ka e tle e ate naheng ya Egepeta.”
10. Moshe le Arone ba etsa mehlolo ena yohle moo Faro a bonang, empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, a se ke a lokolla bana ba Iseraele hore ba tswe naheng ya hae.